Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ho Fihlela re Aroloa ke Lefu”

“Ho Fihlela re Aroloa ke Lefu”

“Ho Fihlela re Aroloa ke Lefu”

KE BANYALANI ba bakae ba ’nileng ba pheta mantsoe ao ka thabo letsatsing la lechato la bona—mohlomong ba sa nahane le hore ka le leng seo se ka ba etsahalla? Lintho tse etsahalang joalo-joalo tse kang botsofali, ho kula, kapa likotsi li ka bolaea moratuoa oa motho ka sehlōhō, tsa mo siea a le bolutu a bile a saretsoe.—Moeklesia 9:11; Baroma 5:12.

Lipalo-palo li bontša hore hoo e ka bang halofo ea basali ba lilemo li 65 kapa ho feta ke bahlolohali. Ka sebele, kaha basali ba na le menyetla e imenneng hararo ea ho shoeloa ke balekane ho feta banna, ho shoeloa ke molekane ho ’nile ha bitsoa “bothata ba basali.” Sena ha se bolele hore banna bona ha ba utloe bohloko. ’Nete ke hore batho ba limilione ba ’nile ba feta tlas’a boemo bona bo utloisang bohloko. Na ebe u e mong oa bona?

Ebang u monna kapa mosali, u ka etsa’ng haeba u shoetsoe ke molekane? Na Bibele e ka fana ka thuso leha e le efe hore u sebetsane le bohloko boo? Banna le basali ba shoetsoeng ke balekane ba sebetsane le see joang? Le hoja ho se na tharollo eo ho ka thoeng e sebetsa boemong bo bong le bo bong, ho na le melao-motheo le litlhahiso tse ka thusang.

Ho Sebetsana le ho Shoeloa

Le hoja ba bang ba nahana hore ho lla ho bontša hore motho oa fokola kapa ho ka ba ha mo ntša kotsi, setsebi sa kelello, Dr. Joyce Brothers, eo eena ka boeena a shoetsoeng ke monna, o re ho lla ke ntho ea pele e alafang maikutlo. Ha e le hantle, ho lla ke ntho ea tlhaho ha motho utloile bohloko ’me ho thusa ho kokobetsa bohloko boo a bo utloileng. U se ke ua soabisoa ke ho lla. Bibele e na le mohlala o motle oa taba ena. Abrahama e ne e le motho ea nang le tumelo e ikhethang ebile o ile a ba le tlotla ea ho bitsoa motsoalle oa Molimo. Leha ho le joalo, ha mosali oa hae eo a neng a mo rata a e-shoa, o ile “a bokollela Sara le ho mo llela.”—Genese 23:2.

Le hoja ka tlhaho motho a batla hore ho be le nako eo a bang mong ka eona, u se ke ua itšehla thajana. Liproverbia 18:1 ea re lemosa: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati.” Ho e-na le hoo, batla tšehetso ea beng ka uena le ea metsoalle e nang le kutloelo-bohloko. Ntlheng ena, phutheho ea Bokreste ke tokisetso e babatsehang eo ho eona ho nang le banna ba hōlileng moeeng ba ka u tšehetsang le ho u fa keletso ha ho hlokahala.—Esaia 32:1, 2.

Ba bang ba lemohile hore ho araba mangolo le likarete tsa matšeliso ho ba thusitse haholo. O ka sebelisa monyetla ona ho ngola ka lintho tse ntle tseo u li hopolang ka molekane oa hao le linako tseo le bileng le tsona le le hammoho. Ho iketsetsa buka e u hopotsang ka bophelo ba lōna ha le sa le hammoho, e nang le lifoto, mangolo le lintlha tse itseng tseo u li ngotseng, ho ka u thusa ho fokotsa bohloko.

Ho tloaelehile hore motho ea sa tsoa shoeloa a ikutloe a ferekane eka o lahlehile, empa ho ipehela nako ea ho etsa lintho tse itseng tse tloaelehileng le ho e khomarela ho tla u thusa. Ka mohlala, haeba u na le nako e itseng eo u e behileng bakeng sa ho robala, ho tsoha, ho ja kapa ho etsa mesebetsi e itseng, leka ho e khomarela. Rera esale pele hore na u tla etsa’ng ka mafelo a beke le ka matsatsi a khethehileng a kang letsatsi la lōna la lechato, e leng nako eo ka eona bohloko bo khutlang ka matla. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore u tsoele pele ka kemiso ea hao ea lintho tsa moea.—1 Bakorinthe 15:58.

Ha motho a hlile a sithabetse maikutlo, a ka ’na a etsa liqeto tse fosahetseng. Mohlomong batho bao merero ea bona e leng mebe ba ka ’na ba nka monyetla ka boemo boo u leng ho bona. Ka hona, qoba ho etsa liqeto ka potlako mabapi le lintho tse kang ho rekisa lehae la hao, ho etsa letsete la chelete e ngata, ho falla kapa ho nyala kapa ho nyaloa hape. Maele a bohlale a re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) Liphetoho leha e le life tse khōlō joalo bophelong u lokela ho li etsa hamorao, ha u se u tsitsitse maikutlong.

Ho sebetsana le lintho tseo e neng e le tsa molekane oa hao le hona ho ka ba boima haholo maikutlong, haholo-holo haeba le ne le lutse ’moho ka lilemo tse ngata, empa ke e ’ngoe ea lintho tseo motho a lokelang ho li etsa nakong ea ho sareloa. Ho chechisetsa seo morao ho tla lelefatsa nako ea ho utloa bohloko. (Pesaleme ea 6:6) Ba bang ba khetha ho etsa sena ba le bang; ba bang ba fumana ho thusa ho etsa sena le motsoalle ea haufi eo a ka buang le eena ka lintho tseo a li hopolang ha a ntse a etsa sena. U ka ’na ua fumana ho le molemo ho kōpa motsoalle kapa mong ka uena hore a u thuse litabeng tse amanang le litokomane tse hlokahalang, tse kang ho fumana mangolo a pakang hore motho o shoele; ho tsebisa mafapha a itseng a ’muso, libanka le lik’hamphani tseo a li kolotang; ho fetola mabitso ao ho ngolisitsoeng thepa ka ’ona; ho fumana litlhapiso tsa lefu; le ho lefa litšenyehelo tsa lingaka.

Hopola hore re phela lefatšeng le tletseng boitšoaro bo bobe. Kaha joale u se u le mong, boiteko ba hao ba hore u lule u hloekile boitšoarong bo tla ba tekong. Mantsoe a moapostola Pauluse a ntse a le nakong le kajeno: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono e kang eo le lichaba tseo tse sa tsebeng Molimo li nang le eona.” (1 Bathesalonika 4:4, 5) Ka hona, ke bohlale hore u qobe lifilimi tsa marato kapa tse sekametseng liketsong tsa ho kopanela liphate, libuka tsa mofuta oo le ’mino oa mofuta oo.

Ho phaella moo, hlokomela hore ho tla nka nako e telele hore u fole maikutlong. Makasine ea USA Today e tlaleha hore liphuputso tse entsoeng ke Univesithi ea Michigan Institute for Social Research li bontša hore motho ea shoetsoeng ke molekane o hloka bonyane likhoeli tse 18 hore a qale ho thobeha ’meleng le maikutlong. Rapela Molimo hore a u fe matla a ho mamella, e leng a matlafatsoang ke tholoana ea moea. (Bagalata 5:22, 23) Ha nako e ntse e feta, letsatsi ka leng bohloko bo tla ’ne bo fokotsehe, le hoja hona joale u ke ke ua nahana joalo.

Kamoo ba Bang ba Sebetsaneng le Boemo Kateng

Anna ea neng a thabile lenyalong la hae la lilemo tse 40 morao tjena o ile a thefuleha habohloko maikutlong ha monna oa hae a hlokahala. O re: “’Mè o ile a hlokahala ha ke le lilemo li 13, hamorao ha hlokahala Ntate, ea ntan’o ba bo-abuti ba ka ba babeli, hammoho le ngoan’eso oa ngoanana. Empa ’nete ke hore bohloko boo ke ileng ka bo utloa bo tla ka koano ha ke bo bapisa le boo ke bo utloileng ha ke shoeloa ke monna. E ne eka ke petsotsoe ka lehare. Bohloko ba teng bo ne bo sa mamellehe.” O thusitsoe ke eng hore a sebetsane le bohloko boo? O re: “Ke iketselitse buka e khōlō ea li-e-mail le likarete tse nang le mantsoe a monate a bontšang lerato le kananelo ka litšobotsi tseo Darryl a neng a e-na le tsona. E mong le e mong o bua ntho e itseng e ikhethang ka eena. Ke tšepa hore Jehova le eena oa mo hopola ’me o tla mo tsosa bafung.”

Esther ea lilemo li 88 o bua ka se ileng sa mo matlafatsa: “Ka mor’a ho ba le molekane lilemo tse 46 kaofela, teko e khōlō ka ho fetisisa e bile ea ho jeoa ke bolutu. Empa ke hlokometse hore ho lula ke tšoarehile linthong tsa moea ho nthusa haholo. Ha kea khaotsa ho ea libokeng tsa Bokreste, ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele le ho ipalla eona. Ntho e ’ngoe e nthusitseng ke ea hore ke se ke ka itšehla thajana. Ke batla ho qeta nako le metsoalle ea ka e ’mamelang. Hase kamehla ba nang le mantsoe a ho ntšelisa, empa ke ananela hore ba ipha nako ea ka ebile baa ’mamela.”

Robert, eo mosali oa hae a bolailoeng ke kankere ka mor’a lilemo tse 48 ba nyalane, o re: “Ho boima haholo ho shoeloa ke molekane eo u neng u qoqa le eena, u etsa liqeto le eena, u thabela ho nka maeto le ho ea phomolong le eena, hammoho le eo le neng le phetelana tse le hlahetseng motšehare. Hoa nyolosetsa, empa ke ikemiselitse hore ke se ke ka nyahama, ho e-na le hoo, ke tsoele pele le bophelo ba ka. Ho phathahana ka mesebetsi e itseng esita le ho itima nako ea ho touta ho nthusitse haholo. Thapelo le eona e ’nile ea ntšelisa haholo.”

Ho Itsoella Pele le Bophelo ka Mor’a ho Shoeloa ke Molekane

Le hoja ho shoeloa ke molekane ea ratehang e le e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tse hlahelang batho, hase bofelo ba lefatše. Haeba u sheba lintho ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua bona monyetla oa hore u etse lintho tse ling tseo pele u neng u se na nako ea tsona hakaalo, tse kang ho etsa lintho tse u phomotsang kelello kapa ho nka maeto. Lintho tsena li ka etsa hore u se ke ua jeoa ke bolutu haholo. Ho ba bang, ona e ka ba monyetla oa hore ba kopanele haholoanyane tšebeletsong ea Bokreste. U ka kholiseha hore u tla thaba u be u khotsofale ha u thusa ba bang ka tsela ena, etsoe Jesu o itse: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

U se ke ua nahana hore u ke ke ua hlola u thaba bophelong. Kholiseha hore hafeela u itšetleha ka Jehova Molimo, o tla u hlokomela. Mopesaleme Davida o itse: “[Jehova] o imolla . . . mohlolohali.” (Pesaleme ea 146:9) Hoa khothatsa ho tseba hore Bibele ha e hlalose Jehova e le feela “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle,” empa e boetse e re ka eena: “U fuparolla seatla sa hao, U khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.” (2 Bakorinthe 1:3; Pesaleme ea 145:16) Ka sebele, Molimo ea lerato, Jehova, oa khona, oa rata ebile o ikemiselitse ho thusa ba kōpang thuso ka tieo ho eena. E se eka u ka ba le maikutlo a tšoanang le a Baiseraele ba boholo-holo, ba ileng ba bina ba re: “Ke tla phahamisetsa mahlo a ka lithabeng. Thuso ea ka e tla tsoa hokae? Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, Moetsi oa leholimo le lefatše.”—Pesaleme ea 121:1, 2.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Batho ba limilione ba ’nile ba feta tlas’a mesarelo le bolutu ka lebaka la ho shoeloa ke molekane. Na u e mong oa bona?

[Lebokose le leqepheng la 21]

Ho Thoe’ng ka ho Nyala Kapa ho Nyaloa Hape?

Bibele e bolela hore lefu le khaola tlamo ea lenyalo, kahoo molekane ea phelang a ka nyala kapa a nyaloa hape. (1 Bakorinthe 7:39) Leha ho le joalo, qeto eo ke ea motho ka mong. Empa ke habohlokoa hore bana ba bolelloe ka qeto eo motsoali oa bona a e entseng ’me ba mo tšehetse ka hohle kamoo ba ka khonang. (Bafilipi 2:4) Ka mohlala, Andrés qalong o ne a le khahlanong le hore ntate oa hae a nyale hape. O ne a rata ’mè oa hae haholo a bile a utloa hore ha ho na motho ea lokelang ho mo nkela sebaka. O re: “Empa ho e-s’o ee kae ke ile ka hlokomela hore ntate oa ka o entse qeto e molemo. Lenyalo le ile la etsa hore a thabe hape. O ile a qalella ho etsa lintho tseo e leng khale a qetetse ho li etsa, joaloka ho nka maeto. Hape ke leboha mosali oa hae e mocha ka ho mo hlokomela hantle hakana ’meleng le maikutlong.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]

Ho lula u phathahane le ho rapela Molimo ho tla u thusa ho mamella nakong ea ho sareloa