Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Totoma ea Likorale Tsa Leoatle Marung

Totoma ea Likorale Tsa Leoatle Marung

Lengolo le Tsoang Papua New Guinea

Totoma ea Likorale Tsa Leoatle Marung

KE HOR’A ea bohlano hoseng ha Labobeli le futhumetseng le bileng le leng mongobo Lae, Papua New Guinea (PNG). ’Na le mosali oa ka re itokisetsa ho ea Lengbati, e leng sebaka se holimo thabeng ea Mount Rawlinson, profinseng ea Morobe, ho etela sehlopha sa Lipaki Tsa Jehova tse lulang moo.

Re nka metsotso e 30 feela ho ea moo ka sefofane se nkang batho ba bane sa enjene e le ’ngoe. Ke atisa ho lula pel’a motsamaisi oa sefofane ha ke le maetong ana, ebe re kenya li-headphone e le hore re buisane ka inthak’homo kaha enjene e etsa lerata le leholo. O ntšupisa manaka le likonopo tse ngata tse deshebotong ’me o ntlhalosetsa hore na li sebetsa’ng ebe o soasoa ka hore haeba a ka etsahalloa ke ntho e ’ngoe, ke tla lokela ho se fofisa. Hang ke hopola se neng se etsahalle mosebeletsi e mong ea etelang liphutheho oa Lipaki Tsa Jehova mona PNG. Ha motsamaisi oa sefofane a ilibana se ntse se fofa, se ile sa ’na sa potoloha moeeng ka bona se itsamaisa ho fihlela motsamaisi a hlaphohetsoe, eaba o khona ho se theola. Ka lehlohonolo, leeto la rōna le tsamaea hantle ’me ha ho etsahale ntho e tšosang.

Sefofane sa rōna se fofa ho bapa le mokoloko oa lithaba ’me ka tšohanyetso se thinya ka har’a maru a sa teteanang e le hore se tšele tlhōrō ea thaba, eo re e fetang ka holimo ka limithara tse ka bang lekholo feela kapa ho feta. Ka pel’a rōna re bona motse oa Lengbati, oa matlo a khobokaneng nģa e le ’ngoe a hahiloeng ka lintho tse fumanoeng morung eaba a ruleloa ka joang bo teteantsoeng. Motsamaisi oa sefofane o sheba tlaase tselaneng ea lifofane ha re feta ka holim’a eona, o hlahloba ka hloko hore na boemo ba eona ke bofe le hore na bana ba motseng ba ntse ba sa bapalle bolo ho eona. O boetse o sheba le likoti tseo e ka ’nang eaba likolobe li ile tsa li fata ka mor’a hore a tlohe mona. Ha a khutlela morao ka holim’a khohlo, o re, “Ho bonahala ho lokile; ke tla leka ho se theola.” Ka mor’a ho potoloha sefofane se theohela tselaneng ea lifofane e betliloeng ke baahi ba motse lehlakoreng la thaba, ’me ba sa tsoa e kata bocha ka majoe a likorale a choatliloeng a fatiloeng thabeng e haufinyane.

Maetong a ka a fetileng ha ke ne ke tlile mona, ke ’nile ka sheba majoe a likorale a khephohileng thabeng eaba ke ipotsa hore na ebe lithaba tsena ke tsa khale hakae. Ak’u nahane feela hore na ke matla a nang le sefutho hakaakang, a ileng a nyolla totoma ea likorale tse neng li le ka leoatleng botebong ba lik’hilomithara tse makholo, a etsa hore e hlahelle ka holim’a leoatle ka lik’hilomithara tse ’nè kaofela! Ha re theoha sefofaneng, re ema sebakeng seo ke se bitsang totoma ea likorale tsa leoatle marung.

Joaloka kamehla, baahi ba motse ba tla ba matha ka makhalo ’ohle ha ba utloa lerata la sefofane se tlang sebakeng sa bona. Ha motsamaisi oa sefofane a se tima, ke bona monna e mong a tsoa ka har’a letšoele a atamela sefofane. Ke Zung. Ke e mong oa banna ba abetsoeng ho hlokomela lithupelo tsa beke le beke sebakeng sena, tse tšoaroang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara. O tsebahala e le motho ea itšoereng hantle, ea tšepahalang le ea tšeptjoang ke batho bao a phelang le bona. O re o ithutile ho phela ka tsela ena ka hore a sebelise melao ea Bibele bophelong ba hae. Ka mor’a hore re lumelisane ka matsoho, re tsamaea le Zung hammoho le Lipaki tse ling ho theosa thaba ho se hokae. Bana ba re sala morao ba ntse ba tseka hore na ke mang ea tla re nkisa mekotla.

Re fihla ntlong e nyenyane e entsoeng ka mapolanka eo Lipaki tsa moo li e hahetseng mosebeletsi ea etelang liphutheho hore a lule ho eona ha a tla ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse ka bang tse tšeletseng. Le hoja PNG e le sebaka se chesang se mongobo, sebakeng sena ho hlile ho pholile ka lebaka la hore ho phahame. Bosiu ha re bonesa lebone la parafine, hangata ke bona moholi o kena ka tlung ka lipaka tsa mapolanka a aliloeng fatše, e leng oa maru a neng a ntse a nyoloha butle motšehare oa mantsiboea, ho tloha tlaase phuleng ’me a nyolohela thabeng. Ke ntho e makatsang hore ebe re apara lilamba tsa lehloeng le libokate e le hore re futhumale, empa lihora tse ’maloa pele ho moo re ne re fufuletsoe ka lebaka la mocheso ha re ne re le lebōpong.

Mahareng a bo-1980, monna e mong ea tsoang mona o ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha a ne a le Lae. Ha a khutlela motseng ona, eena le batho ba bang ba ile ba haha sebaka seo ba tla kopana ho sona, seo ba neng ba le motlotlo ka sona. Leha ho le joalo, moruti oa Kereke ea Lutere hammoho le balateli ba hae ba ile ba chesa mohaho oo lore! Ba ne ba bua ka makōkō ba re sebaka sena ke sa Malutere. Ho tloha ka nako eo, Lipaki li ile tsa haha sebaka se seng seo li kopanelang ho sona ’me palo ea tsona ea ’na ea hōla ho fihlela hona joale ha e se e le batho ba 50 ba bolelang litaba tse molemo, ho sa tsotellehe hore na ba hanyetsoa hakae. Ba bang ba batho bao ba neng ba hanyetsa mosebetsi o etsoang ke Lipaki ke bona ba seng ba o etsa ka cheseho.

Matsatsing ana, hangata batho ba motse ba se ba amohela ho eteloa ke Lipaki Tsa Jehova, tse ba rutang litaba tsa Bibele. Le hoja ho e-na le batho ba fokolang ba tsebang ho bala, Lipaki tse ngata tsa motseng ona li ithutile ho bala e le hore li rute batho ba bang molaetsa o tsoang ka Bibeleng. Batho ba ka bang 200 ba tla libokeng tse tšoareloang Holong ea ’Muso beke le beke.

Ha ho na motlakase. Bosiu re pota-pota mollo ka moo ho pheheloang. Re ja ’moho, rea qoqa le ho tšeha hammoho. Ka lebaka la khanya ea mollo o ntseng o tuka, re bona lifahleho tse khanyang khotso tsa metsoalle ea rōna tseo ka ho hlaka li bontšang hore e thabela ho sebeletsa Jehova. Joale ha ho ntse ho e-ba lefifi, ba bang ba ntša bombom mollong, e leng lekala la palema leo ba tšepang hore le tla tuka butle e le ho bonesa tsela ha ba feta ka morung ba ea malapeng a bona.

Ha re khutlela moo re robalang, re utloa kamoo ho thotseng kateng mona. Re utloa lerata la lintho tsa tlhaho hohle. Pele re il’o robala, re sheba leholimo le hlakileng ka lekhetlo la ho qetela, ’me re hlolloa ke linaleli tse ngata tse bonahalang ha re le sebakeng sena se phahameng.

Beke e fela kapele ’me re emela ho khutla ha sefofane hosasa. Ke bosiu ba ho qetela sebakeng sena se phahameng sa Lengbati, ka le hlahlamang re khutlela lebōpong, moo ho chesang ho bileng ho leng mongobo.