Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo re Ithutang Sona ka Mohau oa Molimo

Seo re Ithutang Sona ka Mohau oa Molimo

Tsa Bacha

Seo re Ithutang Sona ka Mohau oa Molimo

JONASE—KAROLO EA 2

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA JONASE 3:1–4:11.

U nahana hore Jonase o ile a ikutloa joang ha a kena motseng oa Ninive?

․․․․․

Ho latela tsela eo Jonase a buoang ka eona, u nahana hore o ne a ikutloa joang ha a ntse a phatlalatsa molaetsa oa Jehova?

․․․․․

Ke lintho life tseo e tlamehang ebe li ile tsa nyotobetsa Jonase ha a ntse a lutse ka ntle ho motse? (Sheba Jonase 4:5-8.)

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

Ebe ke hobane’ng ha Jonase a ne a batla hore Jehova a timetse Ninive joalokaha a ne a boletse?

․․․․․

U sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, fumana ho itseng ka (1) sebōpeho le lintho tse khethollang semela sa mohope le (2) se boleloang ke ha morena oa Ninive a ikoahela ka lesela la mokotla ’me a lula moloreng.

․․․․․

Ke hobane’ng ha Jonase a ka bitsoa moprofeta ea nang le tumelo ea bileng a leng sebete ho sa tsotellehe hore qalong o ne a le leqe ho profeta Ninive? (Matheu 21:28-31)

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Taba ea hore batho ba ka khona ho sokoloha mekhoeng ea bona e mebe.

․․․․․

Mohau oa Jehova.

․․․․․

Taba ea hore re lokela ho ba mohau.

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u batla ho etsa lipatlisiso tse ling, sheba Molula-Qhooa oa April 1, 2009, leqepheng la 14-18.

BALA LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO

www.watchtower.org