Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ua Lumela Hore u Kile ua Phela Pele?

Na ua Lumela Hore u Kile ua Phela Pele?

“Ke ’nete hore ha batho ba shoa ba phela hape ’me batho ba phelang ba tsoa ho ba shoeleng ebile meea ea bafu e tsoela pele e phela.”—PLATO, RAFILOSOFI OA MOGERIKE, LEKHOLONG LA BO5 LA LILEMO B.C.E., O QOTSA “SOCRATES.”

“E le hore moea o phele, ho hlokahala hore o be ka har’a ’mele, empa moea hase ’mele ’me o ka phela ka har’a ’mele e fapaneng, o ka tloha ’meleng o mong oa fetela ho o mong.”—GIORDANO BRUNO, RAFILOSOFI OA MOTALIANA, LEKHOLONG LA BO16 LA LILEMO C.E.

“Batho ha ba shoe: ba bonahala eka ba shoele . . . kaha motho enoa o ka har’a ’mele o mong, ho joalokaha eka o shebile ka fensetere, a phetse hantle ho se se mo tšoenyang.”—RALPH WALDO EMERSON, SENGOLI SA MEQOQO LE SEROKI SA MOAMERIKA, LEKHOLONG LA BO19 LA LILEMO C.E.

NA U kile ua ipotsa hore na hantle-ntle u mang? Na u ee u ipotse hore na u kile ua phela pele? Haeba ho joalo, hase uena feela. Ho tloha khale, batho ba litso tse fapaneng ba ’nile ba ipotsa lipotso tseo. Ha ba ntse ba batla likarabo tsa tsona, ba bang ba ile ba qala ho lumela thuto ea ho tsoaloa hangata. Thuto ena e ruta hore ha motho a shoa, “moea” o sa bonahaleng oa tsoa ’meleng ebe o tsoaloa bocha ’meleng o mong—e le motho, phoofolo kapa sona semela—ho tloha ’meleng o mong ho ea ho o mong.

 Le hoja batho ba bang ba ka lumellana le thuto ena, re ka tseba joang hore na ke ’nete kapa che? Lentsoe la Molimo, Bibele, le re’ng mabapi le thuto ee? Empa pele ho tsohle, re lokela ho ipotsa hore, Thuto ee e qalile hokae?

Thuto ea ho Tsoaloa Hangata e Qalile Hokae?

Ho ea ka bo-rahistori le litsebi, baahi ba Babylona ea boholo-holo, e leng motse o bileng teng lilemo tse ka holimo ho tse 2 000 pele ho Kreste, ba ile ba qala ho lumela hore moea oa motho ha o shoe. Bukeng ea hae ea The Religion of Babylonia and Assyria, Morris Jastrow, e monyenyane, o re: Bothata ka thuto ena ea ho se shoe ha moea “ke hore litsebi tsa Babylona tsa thuto ea bolumeli li ne li na le maikutlo a fapa-fapaneng ao li se nang bonnete ba ’ona.” O tsoela pele hore Bababylona ba ne ba nka “lefu e le tsela e lebisang bophelong bo bong. Ba ile ba qapa thuto ena ea hore moea ha o shoe hobane ba ne ba sa lumele hore ha motho a shoa o khaotsa ho ba teng.”

Ho tloha moo e qalileng teng Babylona, thuto ea hore moea o fetela ’meleng o mong le hore o tsoaloa hape, e ile ea rutoa le linaheng tse ling tsa boholo-holo. Bo-rafilosofi ba Maindia ba ile ba qala thuto ea hore tsela eo motho a phelang ka eona e tla ama le mofuta oa ’mele oo a tla o fumana bophelong ba hae bo latelang. Bo-rafilosofi ba Bagerike le bona ba ile ba qala ho lumela thuto ea ho tsoaloa hangata, e leng se ileng sa etsa hore batho ba bang le bona ba e lumele.

Mehleng ena ea rōna, ho ’nile ha e-ba le batho ba bangata ba bontšang thahasello thutong ea ho tsoaloa hangata linaheng tsa Bophirimela. Batho ba tummeng le bacha, ba khahloa ke lithuto le mekhoa ea bolumeli ba Bochabela. Kajeno, ho na le libuka tse ngata le mecha ea boitsebiso ea Inthanete e hlalosang seo batho ba lumelang hore ke lintho tse etsahetseng bophelong bo fetileng. Ntho e ntseng e ata linaheng tse ngata ke e bitsoang pheko ea bophelo bo fetileng. Pheko ena e etsoa ka ho tšerehanya motho e le hore ho hlahlojoe seo ho thoeng ke bophelo ba hae bo fetileng, ho bona haeba a e-na le mafu a itseng le hore ho ka utloisisoa boitšoaro ba hae.

Na ke ’Nete Hore Motho o Tsoaloa Hangata?

Le hoja ho lumela thuto ea ho tsoaloa hangata ho qalile khale, ho hlokahala hore re fumane karabo ea potso ena ea bohlokoa ka ho fetisisa—Na ke ’nete? Bakreste ba ka thabela ho tseba hore na thuto eo e lumellana le tumelo ea Bokreste e thehiloeng Bibeleng kapa che. (Johanne 17:17) Kaha ’Mōpi oa rōna, e leng Jehova Molimo, ke Mohloli oa bophelo le “Mosenoli oa liphiri,” o senola lintho tseo batho ba sa li tsebeng ka bophelo le lefu. Re kholisehile hore re tla fumana likarabo ka taba ena ka Lentsoeng la hae, Bibele.—Daniele 2:28; Liketso 17:28.

Haeba re lumella Bibele hore e itlhalose re tla fumana likarabo tse tsoang ho Molimo. Ka mohlala, ho Genese 3:19, re bala ka seo Molimo a ileng a se bolella Adama, ka mor’a hore Adama le Eva ba hlōlehe ho mo mamela. Molimo o ile a re: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” Adama o ne a bōpiloe ka lerōle. Ha a shoa, o ile a khutlela lerōleng. Ke sona seo Molimo a ileng a se bua ka ho hlaka tabeng eo. Kahoo ha motho a shoa, ha a tsoaloe hape e se e le motho e mong empa o khaotsa ho ba teng. * Feela joalokaha mocheso le mohatsela, komello le nala, khanya le lefifi li fapane, lefu le fapane le bophelo. Ha motho a shoele o shoele! Na eo hase ntho e bonolo le e utloahalang?

E tlameha ebe ho na le mabaka a mang a etsang hore batho ba bang ba nahane hore ba hopola liketsahalo tsa bophelo ba bona ba nakong e fetileng. Tsela eo kelello ea motho e sebetsang ka eona, ho akarelletsa le ho sebetsa ha eona motho a sa lemohe, a noele meriana e itseng kapa a fetile linthong tse bohloko, e ntse e le ntho e thata hore batho ba e utloisise ka botlalo. Litoro le lintho tseo motho a li nahanang ka lebaka la boitsebiso bo bongata boo kelello e bo bolokang, li ka hopoleha ka ho hlaka hoo li ka bonahalang eka ke lintho tsa sebele. Maemong a mang, libōpuoa tse khopo tsa moea li ka etsa hore ka  mohlolo motho a bone lintho eka ke tsa sebele empa haele hantle e se tsa sebele.—1 Samuele 28:7-19.

Ka tlhaho batho ba na le takatso ea ho batla ho phela le ho tseba ka bokamoso. Empa takatso eo e tsoa kae? Ho thahasellisang ke hore ha Bibele e bua ka ’Mōpi, e re: “O kentse bosafeleng lipelong tsa batho.” (Moeklesia 3:11, New International Version) Ke kahoo batho ba nang le takatso e matla ea ho phela ka ho sa feleng.

Haeba ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o kentse takatso ea ho phela ka ho sa feleng ka lipelong tsa batho, ke ho utloahalang hore o tla boela a hlalose kamoo takatso eo e tla phethahala kateng. Bibele e bolela hore morero o ka sehloohong oa ’Mōpi, ke hore o tla fa batho ba mamelang bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Morena Davida, ea ileng a bululeloa ho ngola lipesaleme, o ile a re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ntho e ka sehloohong eo Bibele e e rutang e amanang haufi-ufi le morero oa Molimo oa ho fa batho bophelo bo sa feleng, ke tsoho ea bafu.—Liketso 24:15; 1 Bakorinthe 15:16-19.

Tsoho ea Bafu—Tšepo ea Sebele

Bibele e na le litlaleho tse robeli tseo ho nang le lipaki tse boneng ka mahlo ha batho ba tsosoa bafung ’me ba phela hape lefatšeng. * Tsena e ne e le liketsahalo tsa tsoho ea bafu eseng tsa ho tsoaloa hangata. Batho ba ileng ba tsosoa bafung ba ile tsejoa hang-hang ke beng ka bona le metsoalle. Ha ho na moo ba lelapa ba ileng ba tlameha ho tsamaea hohle ba ntse ba batlana le bana ba sa tsoa tsoaloa, e le ha ba leka ho fumana moea oa moratuoa oa bona ea shoeleng o tsoetsoeng hape e se e le lesea le leng.—Johanne 11:43-45.

Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore Lentsoe la Molimo le bolela hore batho ba bangata ba shoeleng ba tla tsosetsoa lefatšeng le lecha la Molimo, leo haufinyane le tla nkela lefatše lena le khopo sebaka! (2 Petrose 3:13, 14) Ho batho ba libilione ba shoeleng, Jehova o tseba e mong le e mong hantle ’me sena hase makatse kaha Molimo o tseba esita le mabitso a linaleli! (Pesaleme ea 147:4; Tšenolo 20:13) Ha a ntse a tsosetsa batho lefatšeng le lecha ka tatellano, ba tla khona ho fumana ba malapa a bona ba be ba tsebe baholo-holo ba bona. Eo ke tšepo e hlollang hakaakang!

^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 6, e reng “Bafu ba Hokae?” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 18 Litlaleho tseo tse robeli li fumanoa ho 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37; 13:20, 21; Luka 7:11-17; 8:40-56; Johanne 11:38-44; Liketso 9:36-42; 20:7-12. Ha u ntse u bala litlaleho tsena, hlokomela hore liketsahalo tsena tsa tsoho li etsahetse ka pel’a lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo. Tlaleho ea borobong ke ea tsoho ea Jesu Kreste.—Johanne 20:1-18.