Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Atamela ho Molimo

Na Lebitso la Hao le Teng ‘Bukeng ea Khopotso’ ea Molimo?

Na Lebitso la Hao le Teng ‘Bukeng ea Khopotso’ ea Molimo?

NA Jehova o ela hloko ha barapeli ba hae ba leka ho mo khahlisa? E, ho joalo! Empa ha a hlokomele feela liketso tsa bona tse bontšang hore baa mo rata le mantsoe a bona a thoriso. O boetse o ela hloko ha ba nahana ka eena ka tsela e bontšang kananelo. Ho feta moo, Jehova a ke ke a lebala batho ba hae le lintho tseo ba ileng ba li etsa. Re tseba joang? Ka ho bala mantsoe a tlalehiloeng ke moprofeta Malakia.—Bala Malakia 3:16.

Lekholong la bohlano la lilemo pele ho mehla ea Kreste, ha Malakia a ne a profeta sena, boitšoaro ba Baiseraele le lintho tse neng li etsoa bolumeling, li ne li nyarosa. Baprista ba ne ba hlokomolohile boikarabelo ba bona ’me batho ka kakaretso ba ile ba qala ho hlompholla Molimo ka ho ba baloi, bafebi le baqhekelli. (Malakia 2:8; 3:5) Leha ho le joalo, har’a molubalube oo ho ne ho ntse ho e-na le sehlopha se seng sa Baiseraele se ileng sa lula se tšepahala. Se ne se etsa’ng?

Malakia o re: “Ba tšabang Jehova ba buisana.” Ho tšaba Molimo ke tšobotsi e ntle. Mona Malakia o bua ka Baiseraele ba neng ba e-na le tlhompho e tebileng ho Molimo ba bile ba tšaba ho mo utloisa bohloko. Hlokomela hore batho bao ba neng ba tšaba Molimo ba ne “ba buisana” hammoho. Ho hlakile hore ba ne ba kopana ’me ba bua ka Jehova le ho khothatsana esere ba nyahama kapa ba tšoaetsoa ke bobolu boo ba neng ba phela har’a bona.

Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba bontša hore ba hlompha Jehova ka tsela e ’ngoe hape ea bohlokoa: Ba ne ba ‘nahana ka lebitso la hae.’ Phetolelo e ’ngoe e re “Ba hlompha lebitso la Hae.” Batho bao ba neng ba tšaba Molimo ba ne ba mo hlompha esita le ka menahano ea bona. Botebong ba lipelo tsa bona, ba ne ba nahana ka tsela e bontšang kananelo, kapa ba thuisa ka Jehova le lebitso la hae le leholo. Na Jehova o ne a ela hloko seo ba neng ba se etsa?

Malakia o re: “Jehova a ’na a ela hloko le ho mamela.” Ha e le hantle, Jehova o ile a sekeha tsebe a le sebakeng sa hae se phahameng sa bolulo maholimong ’me a utloa lentsoe le leng le le leng leo barapeli ba hae ba neng ba buisana ka lona ha ba mo rorisa. O ile a ba a ela hloko le ha ba thuisa ka bo mong. (Pesaleme ea 94:11) Empa hase mantsoe le menahano ea bona feela eo a ileng a e ela hloko.

Malakia o re: “Buka ea khopotso ea qala ho ngoloa ka pel’a hae.” Buka eo ke tlaleho ea bohle ba ileng ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Hlokomela hore e bitsoa “buka ea khopotso.” * Seo se re bolella hore Jehova a ke ke a lebala barapeli ba hae ba tšepahalang le sohle seo ba ileng ba se etsa ho mo rorisa—ka mantsoe, menahano le liketso. Empa ho na le lebaka le etsang hore Molimo a ba hopole ka lona. O tšepisa bophelo bo sa feleng ho bao mabitso a bona a ke keng a hlakoloa bukeng ea hae ea khopotso. *Pesaleme ea 37:29.

Ruri hoa khothatsa ho tseba hore Jehova o ananela sohle seo re se etsang ha re mo rapela ka tsela eo a e amohelang! Mantsoe a ho Malakia 3:16 a lokela ho re susumelletsa hore re nahane ka ho teba ka kamano ea rōna le Jehova. Ke hantle ho ipotsa hore, ‘Na lebitso la ka le teng “bukeng ea khopotso” ea Molimo?’ Le tla ba teng haeba letsatsi le leng le le leng u ka leka ho nahana, ho bua le ho etsa lintho ka tsela e tla etsa hore Jehova a u hopole.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka December:

Nahume 1-3Malakia 1-4

^ ser. 8 Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “khopotso” le bolela ho fetang feela ho hopola ntho e itseng. Le ka boela la bolela ho nka khato ka seo u se hopolang.

^ ser. 8 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tšepiso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng, sheba khaolo ea 3 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.