Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Qetellong ke Fumane Tokoloho ea Sebele!

Qetellong ke Fumane Tokoloho ea Sebele!

Lepolesa le ile la tšeha ’me la re: “Ha ho na motho ea le batlang. Le ka ’na la lula mona.” Ho tlile joang hore lelapa le nang le khotso la Marussia le le sebetsang ka thata le qetelle e le batšoaruoa Korea Leboea ka 1950, lilemo tse ka bang tse hlano ka mor’a Ntoa ea Bobeli ea Lefatše?

HO LATELA litokomane tsa ka, ke hlahile ka 1924. Ho bonahala ke hlahetse motsaneng o bitsoang Shmakovka o Bochabela bo Hōle ba Russia, o haufi le moeli oa naha ea Chaena.

Motsana oa Shmakovka, Primorskiy Kray, Bochabela bo Hōle ba Russia, moo ke hlahetseng teng

Ka letsatsi le leng ntate oa ka le baholoane ba ka ba ile ba nkoa ke linokoane ’me ’Mè ha aa ka a hlola a ba bona. O ile a iphumana a setse le bana ba bangata ba banyenyane bao a neng a sa khone le ho ba fepa. Moahisani o ile a ithaopela hore o tla re nka a re ise lehaeng la likhutsana la Kereke ea Orthodox ea Russia, ebe o re ’Mè o re lahlile kherehloa.

’Mè o ile a lumellana le leqheka lena hobane bana ba hae ba banyenyane, ho akarelletsa le ’na, ba ka be ba bolailoe ke tlala hoja a se ke a lumellana le lona. Kaha joale ke se ke le lilemong tsa bo-80, ke leboha ’Mè hore ebe o ile a re isa lehaeng la likhutsana. Mohlomong ke eona ntho e ileng ea pholosa bophelo ba rōna. Ho ntse ho le joalo, ke ntse ke utloisoa bohloko ke hore o ile a etsa seo.

Ha ’na le Ivan re ne re nyalana ka 1941

Ka 1941, ke ile ka fallela Korea moo ke ileng ka nyaloa ke monna ea mosa oa Morussia ea bitsoang Ivan. Morali oa rōna Olya, o ile a hlahela Seoul, Korea, ka 1942. Mora oa rōna Kolya o ile a hlahela moo ka 1945 ’me moen’ae Zhora a hlaha ka 1948. Monna oa ka o ne a hlokomela lebenkele la rōna ’me ’na ke ne ke rōka. Kaha Seoul ho ne ho lula Majapane, bana ba rōna ba hōtse ba bua Sejapane, le hoja re ne re bua Serussia lapeng. Ho fihlela ka 1950, ho ne ho bonahala ho e-na le khotso pakeng tsa Masoviet, Maamerika le Makorea a neng a lula Seoul. Bohle ba ne ba tloaetse ho reka lebenkeleng la rōna.

Re Tšoaroa ke Makorea a Leboea

Lintho li ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo ka 1950. Masole a Korea Leboea a ile a nka taolo ea Seoul. Ka lebaka la hore re ne re sitoa ho baleha, re ile ra tšoaroa hammoho le batho ba bang ba tsoang linaheng lisele. Ka lilemo tse tharo le halofo re ile ra isoa libakeng tse fapaneng tsa Korea Leboea, re e-na le batšoaruoa ba Mabrithani, Marussia, Maamerika le Mafora. Re ne re lula kae kapa kae moo re neng re fumana sebaka se sireletsehileng ’me re ne re leka ho qoba libomo.

Ka linako tse ling, re ne re lula matlong a neng a futhumetse ’me re ne re fuoa lijo tse lekaneng. Empa, hangata re ne re ja nyalothe ebile re robala serameng mehahong e neng e sa lule batho. Batho ba bangata ba neng ba le sehlopheng sa rōna ba ile ba shoa ka lebaka la phepo e fokolang ea lijo le ho se hlokomeloe. Ke ne ke utloa bohloko haholo ha ke bona bana ba ka ba sotleha. Mariha a ile a fihla kapele Korea Leboea. Ke hopola ke lutse mollong bosiu kaofela ke ntse ke futhumatsa majoe ebe ke a kenya tlas’a likobo tsa bana e le hore ba futhumale.

Ha mariha a tsoa, Makorea a mang a motseng a ile a re bontša hore na ke limela life tseo re ka li jang ’me re ne re kha meroho, morara, monokotšoai le likhoaeane. Ho ne ho hlakile hore batho ba moo ba ne ba sa re hloea ’me ba ne ba re utloela bohloko. Ke ile ka ithuta ho tsoma linqaqana  e le hore ke tlatselletse lijo tsa rōna tse haellang. Ke ne ke utloa bohloko ha ke utloa bana ba ka ba lula ba kōpa linqaqana.

Ka letsatsi le leng ka October, re ile ra laeloa hore re ee Manp’o. Re ile ra bolelloa hore likariki li tla nka batho ba kulang le bana ba banyenyane. Olya le ntate oa hae ba ne ba le sehlopheng se tsamaeang ka maoto. ’Na le bana ba bang re ile ra leta matsatsi-tsatsi re tšoenyehile hore likariki li fihle. Qetellong li ile tsa fihla.

Batšoaruoa ba neng ba kula ba ne ba lahleloa holim’a likariki joaloka mekotla ea phofo. Ho ne ho utloisa bohloko haholo ho bona seo! Ke ne ke ntse ke pepile Zhora ha ke leka ho palamisa Kolya kariking, eaba o lla habohloko, o re: “Mama, Mama, ke batla ho tsamaea le uena! Se ka ntšiea!”

Kolya o ile a tsamaea le ’na, a itšoarelelitse moseng oa ka a ntse a tšetšema ka mor’a ka. Batšoaruoa ba bangata ba ile ba thunngoa ha re ntse re le leetong lena la matsatsi a mangata. Makhoaba a ne a sala a ja litopo tseo. Qetellong re ile ra kopana le monna oa ka le Olya. Re ile ra lla ’me ra hakana. Ke ile ka qeta bosiu boo ke ntse ke futhumatsa majoe mollong. Kaha joale ke ne e-na le bana bohle ba ka ke bile ke khona ho ba futhumatsa kaofela, seo se ile sa etsa hore ke khotsofale.

Ka 1953, haufi le moeli o arolang Korea Leboea le Korea Boroa, bophelo bo ile ba e-ba molemonyana. Re ile ra fuoa junifomo e hloekileng, lieta, borotho esita le lipompong. Nakoana ka mor’a moo, Mabrithani a ile a lokolloa ’me hamorao ha lokolloa Mafora. Empa rōna ho ne ho se na naha eo re leng baahi ba eona ka molao. Ha batšoaruoa ba ho qetela ba lokolloa, re ile ra sala re le bang. Re ile ra lla ka lebaka la ho nyahama ’me re ne re sa khone le ho ja. Ke hona nakong eo lepolesa la Mokorea le ileng la bua mantsoe a bohloko, a selelekeleng.

Bophelo bo Bocha United States

Re ile ra makala ha kapele ka mor’a moo re isoa Korea Boroa sebakeng seo masole a tlositsoeng ho sona. Ka mor’a  hore re hlongoe lipotso ke basebetsi ba sesole sa Amerika, re ile ra lumelloa hore re fallele United States. Re ile ra tsamaea ka sekepe ho ea San Francisco, California, moo re ileng ra fumana thuso ho mokhatlo o thusang batho ba hlokang. Hamorao re ile ra ea Virginia ’me batho bao re ba tsebang ba ile ba re thusa hore re fumane lintho tseo re li hlokang. Qetellong re ile ra ea Maryland moo re ileng ra qala bophelo bo bocha.

Ke na le monna oa ka le bana ba rōna ba babeli, ka 1954

Re ne re makala ha re bona le lintho tse sa reng letho tse kang mochine o monyang lithōle. Kaha re ne re se batho ba naha eo, re ne re sebetsa ka thata ebile re sebetsa lihora tse telele. Empa ke ne ke utloa bohloko ha ke bona batho ba neng ba tsoa linaheng tse ling empa ba se ba tloaetse makhulo, ba nka monyetla ka batho ba bacha ba fihlang sebakeng. Nakoana ka mor’a hore re fihle, re ile ra kopana le moruti oa Morussia oa Kereke ea Orthodox ea ileng a re: “Joale le se le lula naheng e hlohonolofalitsoeng. Haeba le batla ho atleha le se ke la ikopanya le batho ba habo lōna.” Ke ile tšoha le ho makala. Na ha rea lokela ho thusana?

Ka 1970, monna e mong ea bitsoang Bernie Battleman, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a fihla lapeng e le hore a buisane le rōna ka Bibele. O ne a tšoana le rōna ka ho bua a sa hlathe koana le koana, a bile a le sebete. Re ile ra qeta lihora tse ngata re ntse re bua. Kaha ke hōletse lehaeng la likhutsana la Kereke ea Orthodox ke ne ke tseba lithuto tsa kereke ka hlooho. Empa ha ho mohla nkileng ka nahana hore ke be le Bibele! Bernie o ile a re tlisetsa Bibele ’me a re: “Ke le fa Bibele ena hobane kea le rata.” O ile a boela a re tsebisa Ben, e leng Paki e neng e bua Serussia e tsoang Belarus.

Ka mosa, Ben le mosali oa hae ba ile ba araba lipotso tsa ka ka Bibele. Empa ke ne ke kholisehile hore Lipaki li sothile Bibele. Ke ne ke halefisitsoe haholo-holo ke hore lingoliloeng tsa tsona li re Maria o ne a e-na le bana ba bang ntle ho Jesu, ha kereke eona e ne e ruta se fapaneng.

Ke ile ka letsetsa motsoalle oa ka hore a shebe hore na Bibele ea hae ea Sepolishe e re’ng ho Matheu 13:55, 56. Ha a mpalla temana eo, ke ile ka makala ha ke utloa hore ke ’nete, Jesu o ne a e-na le barab’abo ba mo hlahlamang! Motsoalle oa ka le eena o ile a founela motho e mong ea mo tsebang ea sebetsang Library of Congress, Washington, D.C. a mo kōpa hore a mo shebele temana ena liphetolelong tsohle tse fumanehang tsa Bibele. O ile a bolela hore li bua ntho e le ’ngoe: Jesu o ne a e-na le baena le likhaitseli!

Ke ne ke e-na le lipotso tse ling tse ngata. Ke hobane’ng ha bana ba e-shoa? Ke hobane’ng ha  lichaba li loantšana? Ke hobane’ng ha batho ba sa utloisisane le hoja ba bua puo e le ’ngoe? Likarabo tseo ke neng ke li fumana ka Bibeleng li ne li nthabisa. Ke ile ka ithuta hore hase thato ea Molimo hore batho ba utloe bohloko. Ke ile ka thaba haholo ha ke ithuta hore ke tla boela ke bone baratuoa ba ka ba ileng ba shoella lintoeng tse fapa-fapaneng. Butle-butle Jehova e ile ea e-ba motho oa sebele ho ’na.

Ka letsatsi le leng, ke ne ke eme ka pel’a litšoantšo tsa ka tsa borapeli, ke kōpa Molimo hore a thuse mora oa ka ea neng a tetebetse habohloko maikutlong kaha o ne a tsoa ntoeng Vietnam. Kapele ke ile ka hlokomela hore lithapelo tsa ka li lokela ho lebisoa ho Molimo ea phelang Jehova, eseng ho litšoantšo. Ke ile ka pshatla litšoantšo tseo ’me ka bona hore li ne li se na thuso, e ne e le makotikoti a mebala-bala feela. Ke ile ka li lahla bosiung bona boo, le hoja ke ne ke li rekile kerekeng.

Ho ne ho se bonolo ho tlohela kereke eo ke hōletseng ho eona. Empa ke ile ka nka lithuto tsa Bibele e le tsa bohlokoa ho feta lintho tsohle. Selemo hamorao, ’na, morali oa ka le monna oa ka re ile ra etela moruti oa Kereke ea Orthodox ea Russia. Ke ne ke tšoere buka eo ke neng ke ngotse lipotso tsa Bibele hammoho le litemana ho eona. Ha ke ntse ke balla litemana tsa Bibele holimo, moruti o ile a sisinya hlooho eaba o re, “U lahlehile.” O ile a re bolella hore re se ke ra hlola re tla ho eena hape.

Ketsahalo ena e ile ea khahla morali oa ka Olya, ea sa lumeleng lintho habonolo le ea ratang ho tseba lintho. Le eena o ile a qala ho hlahloba Bibele a ba a qala ho ea libokeng tsa Lipaki le ’na. Ke ile ka kolobetsoa ka 1972 ’me Olya a kolobetsoa selemong se hlahlamang.

Lepetjo la Lelapa la Rōna

Ka serapeng sa ntlo ea ka Maryland, U.S.A., hoo e ka bang ka 1990

Re na le lepetjo le reng, Ameha ka se etsahalang hona joale, lebala ka tse fetileng. Kahoo ha ho mohla re neng re qeaqea ho etsa ntho e ncha haeba re ne re kholisehile hore e nepahetse. Ha ’na le morali oa ka re ne re qala ho ba le kamano le Molimo, re ile ra ba le takatso e matla ea ho ea malapeng a batho ’me re ba bolelle seo re neng re ithuta sona. Kaha ke motho ea sa hlatheng koana le koana ha ke bua, hangata batho bao ke neng ke tsamaea le bona ba ne ba lokela ho hlalosa seo ke se buileng ka tsela e mosa. Empa ha nako e ntse e e-ea ke ile ka ithuta ho buisana le batho ba merabe le limelo tse fapaneng, bao joaloka ’na ba neng ba batla bophelo bo molemo.

Lilemong tse latelang, hangata ’na le morali oa ka re ne re ikemiselitse hore haeba Puso ea Lere la Tšepe e ka fela, re tla ea Russia e le hore re thuse batho ba tšoanang le rōna hore ba ithute ka Molimo. Ha e ne e fela mathoasong a 1990, Olya o ile a phethahatsa toro eo ea rōna. O ile a fallela Russia ’me a sebeletsa moo e le mosebeletsi oa nako e tletseng ka lilemo tse 14. O ile a ithuta Bibele le batho ba bangata a ba a thusa ho fetolela lingoliloeng tsa Bibele ho tloha ho Senyesemane ho ea ho Serussia, a sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Russia.

Hona joale ha ke sa khona ho phahama betheng ’me bana ba ka ba etsa sohle se matleng a bona ho etsa hore ke thabele bophelo. Ke leboha Molimo hore le hoja ke ile ka sotleha ha ke sa le mocha, ruri ke fumane bophelo bo molemo. Ke hlokometse hore mantsoe a Davida oa molisa a hlahang pesalemeng ea Bibele ke ’nete ha a re: “[Molimo] o ntsamaisa haufi le libaka tsa phomolo tse noselitsoeng hantle. O khatholla moea oa ka. O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae.”—Pesaleme ea 23:2, 3. *

^ ser. 29 Maria Kilin o ile a hlokahala ka la 1 March, 2010, ha tlaleho ena e builoeng ke eena e ntse e lokisetsoa ho hatisoa.