Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 PONO EA BIBELE

Ho Tepella Maikutlo

Ho Tepella Maikutlo

Ho tepella maikutlo ke eng?

“Ke ferekane, ke iname ho isa tekanyong e fetisisang; letsatsi lohle ke tsamaile ke hlomohile.”—Pesaleme ea 38:6.

SEO LITSEBI LI SE BUANG

Batho bohle baa hlonama ka linako tse ling, empa ho tepella maikutlo ke bothata bo tebileng boo hangata bo sitisang motho ho phetha mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Re lokela ho hlokomela hore litsebi ha li lumellane tabeng ea hore na ha motho a hloname feela le ha a kula ke ha ho le joang. Empa ’nete ke hore batho ba bang ba ikutloa ba sithabetse haholo, hoo ka linako tse ling ba ikutloang ba se na thuso ba bile ba le molato ho feta tekanyo.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e bua ka banna le basali ba bangata ba bileng le maikutlo a sithabetsang. Ka mohlala, Anna o ile a ‘utloa bohloko’—e leng polelo e ’nileng ea fetoleloa e le “ho robeha pelo” le “ho tsieleha.” (1 Samuele 1:10) Ka lekhetlo le leng moprofeta Elia o ile a sareloa hoo a ileng a rapela Molimo a mo kōpa hore a nke bophelo ba hae!—1 Marena 19:4.

Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba laetsoe hore ba “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng.” (1 Bathesalonika 5:14) Buka e ’ngoe e re poleloana “meea e tepeletseng,” e bolela batho “ba sithabelitsoeng ke mathata a bophelo ka nakoana.” Ho hlakile hore ka linako tse ling, banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele, le bona ba ne ba tepella maikutlo.

 Na motho o ipakela ho tepella maikutlo?

“Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.”—Baroma 8:22.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e ruta hore batho ba kula ka lebaka la banyalani ba pele ba ileng ba fetoha marabele. Ka mohlala, Pesaleme ea 51:5 e re: “Ke ile ka tsoalloa phosong ka bohloko ba pelehi, ’Mè a nkemolela sebeng.” Baroma 5:12 eona e re, “sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [e leng Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” Kaha re futsitse ho se phethahale ho Adama, kaofela ha rōna re ka ’na ra kula ’meleng le maikutlong. Ke kahoo Bibele e reng, “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Leha ho le joalo, Bibele e tšepisa ntho eo ho seng ngaka e ka e tšepisang—e tšepisa hore Molimo o tla tlisa lefatše le lecha la khotso, leo ho lona ho kula le mathata a mang, a akarelletsang ho tepella maikutlo, a ke keng a hlola a e-ba teng.—Tšenolo 21:4.

U ka thusoa ke’ng ha u tepelletse maikutlo?

“Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.

LEBAKA LA HORE U AMEHE KA TABA ENA

Hase kamehla u ka laolang lintho tse u etsahallang bophelong, ’me ka linako tse ling lintho tse bohloko tse u hlahelang li tla u ama. (Moeklesia 9:11, 12) Leha ho le joalo, ho na le seo u ka se etsang e le hore u se ke ua lula u nahana ka lintho tse sithabetsang.

SEO BIBELE E SE BUANG

Bibele e re batho ba kulang ba hloka ngaka. (Luka 5:31) Kahoo, haeba u na le bothata ba khatello ea maikutlo, u lokela ho ea ngakeng. Bibele e boetse e hatisa bohlokoa ba thapelo. Ka mohlala, Pesaleme ea 55:22 e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” Thapelo hase setšehetso sa nakoana feela, ke puisano ea sebele le Jehova Molimo ea “haufi le ba lipelo li robehileng.”—Pesaleme ea 34:18.

U ka boetse ua thusoa ke ho phetlela motsoalle ea haufi sefuba. (Liproverbia 17:17) Daniela eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova o re: “Mokreste-’moho le ’na o ile a mphehella ka mosa hore ke bue ka bothata ba ka ba ho tepella maikutlo. Le hoja ke qetile lilemo ke qoba ho bua ka taba eo, ke ile ka hlokomela hore sena ke sona seo esale ke se hloka. Ke ile ka makatsoa ke tsela eo ke ileng ka ikutloa ke imolohile ka eona ka mor’a moo.”