Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Ho Tloaelana ho Feta Tekanyo

Ho Tloaelana ho Feta Tekanyo

BOTHATA

U na le motsoalle ea u utloisisang haholo oa bong bo fapaneng. Ha u e-na le eena le khona ho bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe, e leng sona seo le se etsang. U ipolella hore ‘re metsoalle feela’—le hoja molekane oa hao a ka ’na a se ke a nahana joalo, ha a ka tseba lintho tseo le buang ka tsona.

Ho ka etsahala hore ebe le se le tloaelane ho feta tekanyo ’me u lokela ho etsa ho hong ka seo. Leha ho le joalo, qala ka ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha u tloaelane le motho eo hakaale.

KE HOBANE’NG HA LE TLOAELANE?

Ho batla khotsofalo. Ho bua ’nete, ho eloa hloko ke motho oa bong bo fapaneng ho etsa hore re ikutloe re khotsofetse. Rea thaba ha re tseba hore rea ananeloa, ’me seo se etsa hore re ikutloe re rateha. Ha u se u qetile nako u le lenyalong, u ka ’na ua qala ho thabela ho ba le motsoalle oa bong bo fapaneng. Empa tseba sena: Ho batla botsoalle ho motho eo e seng molekane oa hao, ho na le liphello tse bohloko. Ha u theha setsoalle se sa lokelang le motho oa bong bo fapaneng, u khoehlisa maqhama a pakeng tsa hao le molekane oa hao. Ha e le hantle, ha u fe molekane oa hao lerato leo u lokelang ho mo fa lona.

• Ipotse, ‘Ke lintho life tse etsang hore ke ikutloe ke khotsofetse ha ke e-na le motsoalle eo, tseo ho ka bang molemo ha li ka etsoa ke molekane oa ka?’

Ho koala sekheo. Bibele e re ba kenang lenyalong ba tla ba le “matšoenyeho.” (1 Bakorinthe 7:28) Ka mohlala, ka linako tse ling u ka ’na ua utloa eka molekane oa hao ha a u tsotelle kapa ha a u ananele, kapa u ka ’na ua mo jara ka pelo ka lebaka la qabang eo le bileng le eona. Mohlomong molekane oa hao ha a batle ho bua ka taba eo, e leng se ka etsang hore u ikutloe u ferekane, ’me u lakatse eka ho ka ba le motho e mong ea ka u mamelang. Litsebi tse ling li re ho qoba ho bua ka mathata ho ka hlokisa banyalani thabo, ha ba ha lebisa tlhalong.

• Ipotse, ‘Na ho na le lekhalo pakeng tsa ka le molekane oa ka le etsang hore ke batle ho theha setsoalle se sa lokelang?’

 SEO U KA SE ETSANG

Hlokomela kotsi e ka hlahang. Bibele e re: “Na u ka bokella mollo sefubeng sa hao leha ho le joalo liaparo tsa hao li sa che?” (Liproverbia 6:27, Good News Translation) ’Nete ke hore ho khahloa ke motho e mong empa u le lenyalong ho kotsi. (Jakobo 1:14, 15) Hase taba ea hore na ho ka ’na ha etsahala’ng. Nahana ka ntho e seng e ntse e etsahetse. Ha u lebisa tlhokomelo ho motho e mong ka tsela eo, seo se bolela hore u se u ntse u hlokomolohile molekane oa hao.

U se ke ua ithetsa. Haeba u tloaelane haholo le motho eo, seo se ka ’na sa etsa hore u ipotse hore na bophelo bo ka be bo le joang ha u ne u nyalane le eena. Leha ho le joalo, u bontša leeme ka ho bapisa lintho tseo motsoalle oa hao a ipabolang ho tsona le tseo molekane oa hao a fokolang ho tsona! Empa hopola hore e ka ’na eaba tsela eo u ikutloang ka eona ha u nahana ka motsoalle eo, e tšoana le eo u neng u ikutloa ka eona qalong ha u ne u nahana ka molekane oa hao.—Molao-motheo oa Bibele: Jeremia 17:9.

Beha meeli. Batho ba kenya lialamo likoloing le malapeng ho thibela masholu. U ka etsa se tšoanang ka lenyalo la hao. Bibele e re: “U sireletse pelo ea hao.” (Liproverbia 4:23) U ka etsa seo joang? Leka lintho tse latelang:

  • Bontša ka ho hlaka hore u lenyalong—mohlomong u ka beha lifoto tsa molekane oa hao mosebetsing.—Molao-motheo oa Bibele: Genese 2:24.

  • Etsa qeto ea lintho tseo u tla li lumella le tseo u sa tl’o li lumella ha u na le motho oa bong bo fapaneng. Ka mohlala, ha u ua lokela ho bua le motho eo ka mathata a hao a lelapa kapa ho intša le mosebetsi-’moho oa bong bo fapaneng.

  • Haeba u tloaelane ho feta tekanyo le motho oa bong bo fapaneng, u lokela ho emisa setsoalle seo. Haeba u thatafalloa ho etsa joalo, ipotse hore na ke hobane’ng. Ho e-na le ho leka ho sireletsa setsoalle sa lōna, nahanela molekane oa hao ’me u nke mehato e loketseng ho sireletsa lenyalo la lōna.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 5:18, 19.